EasyManuals Logo

Tommee Tippee Advanced Anti-Colic Quick Start Guide

Tommee Tippee Advanced Anti-Colic
6 pages
To Previous Page IconTo Previous Page
To Previous Page IconTo Previous Page
Page #6 background imageLoading...
Page #6 background image
A Sekwahelo sa
Botlolo
B Tlhoko
C Reng ya Sekerufu
D Lebidi le Dumellang
Moya ho Kena
E Tjhubu e Dumellang Moya ho Kena
e nang le Sensara ya Motjheso
F Valefo
G Bokatlase ba Botlolo
Phallo e
Butle
Phallo e
Bohareng
Phallo e
Potlakileng
HO HLWEKISA LE HO BOLAYA DIKOKWANAHLOKO
Pele o sebedisa lekgetlo la pele, hlwekisa sehlahiswa. Hlwekisa pele ho tshebediso ka nngwe. Kamehla hlatswa sehlahiswa hanghang kamora
tshebediso. Pele ho tshebediso ya pele kenya metsing a belang nako ya metsotso e 5, sena ke ho netefatsa bohlweki. Hlatswa ka metsi a sesepa
a futhumetseng mme o pudutse ka metsing a hlwekileng kapa o sebedise sesepa sa dijana (shelefo e ka hodimo feela). Netefatsa hore o ntsha
lebidi le dumellang ho kena ha moya (D) le tjhubu e dumellang ho kena ha moya (E) e be o hlwekisa ka botlalo ka borashe bo fanweng. Kamora
tshebediso, hlatswa dikarolo tsohle ka metsi a futhumetseng a sesepa, pudutsa metsing a hlwekileng, mme di tla be di lokile ho bolaya dikokwan-
ahloko hape. Bakeng sa ho hlwekisa dikarolo tse ding tsa botlolo, sebedisa “tommee tippee” haufi haholo le botlolo ya nature® le borashe ba
tlhoko. Hang ha ho hlwekisitse dibotlolo tsa hao di loketse ho bolaya dikokwanahloko. Dikarolwana tsohle di tlameha ho bolaya dikokwanahloko.
Dikarolwana tsohle tsa botlolo di a tshwaneleha bakeng sa ho bolawa mahloko ka phofodi (maekroweife ya motlakase), ho bediswa kapa thablete
ya metsi a batang / motswako wa mokedikedi. O se ke wa hlwekisa ka diqhibidihisi kapa dikhemikhale tse bohale. Se ke wa dumella sehlahiswa ho
thetsana le dijo tse phehilweng ka oli (ka mohlala, oli / disouse tse nang le tamati) hobane ho ka ba le matheba. Se ke wa hlanolela tlhoko bakeng
sa ho e hlwekisa. E ka senyeha. Sebedisa borashe ba tlhoko. Se ke wa sebedisa borashe ba tlhoko kapa sesebediswa se seng ho hlwekisa
lesobana le fepang qetellong ya tlhoko kapa valefo kaha tshenyo e jwalo ka ho taboha le ho petsoha e ka hlaha.
POLOKO LE TSHEBEDISO
Hlahloba pele ho tshebediso e nngwe le e nngwe mme o hulele tlhoko e fepang mahlakoreng ohle. Lahla ha o qala ho bona matshwao a pele a
tshenyeho kapa ho fokola. Boloka dikarolwana tsohle tse sa sebetseng thoko le moo bana ba ka di fihlellang. Ka mabaka a polokeho le bohlweki
ho kgothaletswa hore tlhoko ya ho anyesa e tjhentjhwe dikgwedi tse ding le tse ding tse 2. Se ke wa boloka kapa wa tlohela tlhoko e fepang
mahlaseding a letsatsi kapa motjhesong ka kotloloho (“motswako wa tlhwekisetso ya dikokwanahloko”) nako e telele ho feta ka moo ho kgothalled-
itsweng ka teng, kaha sena se ka senya tlhoko. Se ke wa boloka kapa wa dumella hore e thetsane le diqhibidihisi kapa dikhemikhale tse bohale.
Ha e a lokela tshebediso ka ontong e tlwaelehileng kapa motswako wa onto ya maekroweife e nang le kerile e buletsweng. Se ke wa futhumatsa
ka maekroweifeng ka botlolo e kwetsweng. Ntsha tlhoko, kwala reng le sekwahelo sa botlolo.
FOR YOUR CHILDS SAFETY AND HEALTH
TEMOSO!
Kamehla sebedisa sehlahiswa sena tlasa bodisa ba motho e moholo. Dikotsi di hlahile ha masea a ne a siuwe a le mang le thepa ya ho nwa ha
ngwana a wela kapa haeba sehlahiswa se qhaqhollwa. Kamehla hlahloba metjheso ya dijo pele o fepa. Ho futhumatsa ontong ya maekroweife ho
ka nna ha baka metjheso e phahameng sebakeng se itseng. E ba sedi haholo ha o futhumatsa ka maekroweife. Kamehla fuduha dijo tse
futhumaditsweng ho netefatsa kabo e lekanang ya motjheso mme o utlwe motjheso pele o fepa. Ha o lokisa dijo, latela ditaelo tsa ho lokisa tsa
moetsi wa tsona mme o dumelle metsi a sa tswa bediswa ho fola pele o a tshela ka botlolong. Le ka mohla se ke wa sebedisa ditlhoko tsa ho
nyanya jwalo ka sethetsa. Ho anya ho tswellang nako e telele ha mekedikedi ho tla baka ho bola ha meno. Ho bola ha meno baneng ba banyane
ho ka nna ha hlaha esita le ha mekedikedi e se nang tswekere e sebediswa. Sena se ka etsahala haeba lesea le dumellwa ho sebedisa botlolo
letsatsi lohle le haholoholo bosiu, ha ho phalla ha mathe ho fokotsehile kapa e sebediswa jwalo ka sethetsa.
Jackel International Limited trading as Mayborn Group
Northumberland Business Park West
Cramlington Northumberland
NE23 7RH, UK
Jackel International Limited retains all intellectual property rights to this product, packaging, and printed or electronic media, including all two and
three dimensional designs, graphic images, logos and text.
Any manufacture, publication, copying, hiring, lending and reproduction of any materials is strictly prohibited and constitutes infringement. TOMMEE
TIPPEE is a registered trademarks of Jackel International Limited.
A
B
C
D
E
F
G
QALA KAPELE
Pele o sebedisa, hlatswa dikarolo tsohle ka metsi a futhumetseng a sesepa, pudutsa metsing a hlwekileng le ho bolaya dikokwanahloko.
Kopanya botlolo ya hao ho latela setshwantsho.
Ha o kopanya botlolo ya hao ho bohlokwa hore o hlahlobe valefo (F) ka ho e tshwarella kganyeng ho hlahloba hore lesobana ho
silikhone ha le a kwaleha ka ho tiya. Haeba e kwetswe, e tsipe hanyane dipakeng tsa menwana ya hao hore o e bule hape. Haeba
valefo e kwetswe ka ho tiya botlolo ya hao e ke ke ya dumella ho kena ha moya ka nepo.
Pele ho tshebediso ka nngwe,
tshwarella kganyeng ho bona
lesobana mme o e tsipe ho e
arolaho netefatsa hore le dumella
ho kena ha moya ka nepo.
Etsa dijo tsa hao.
Fepa.
Ditsebi tsa bophelo bo botle di kgothaletsa ho fepa lebese motjhesong wa mmele
(37oC / 98.6 F) Seterepe sa sensara ya motjheso se fetoha ho tloha ho bolou ho
ya ho bopinki ha o le ho 41oC / 105.8 F). Haeba, kamora metsotswana ke 5,
tjhubu ya sensara ya motjheso e fetoha ho tloha ho bolou ho ya ho bopinki ho
bolela hore lebese le tjhesa haholo ho ka fepa. Sena ke bakeng sa tiisetso ya hao,
empa ho bohlokwa hore kamehla o hlahlobe motjheso wa botlolo pele o fepa.
Kamora tshebediso, hlatswa dikarolo tsohle ka metsi a futhumetseng a
sesepa, pudutsa metsing a hlwekileng, mme di tla be di lokile ho bolaya
dikokwanahlok hape.
www.tommeetippee.com
ST

Other manuals for Tommee Tippee Advanced Anti-Colic

Questions and Answers:

Question and Answer IconNeed help?

Do you have a question about the Tommee Tippee Advanced Anti-Colic and is the answer not in the manual?

Tommee Tippee Advanced Anti-Colic Specifications

General IconGeneral
MaterialPlastic
Age Range0+ months
Anti-Colic TechnologyYes
Dishwasher SafeYes
Bottle TypeAnti-Colic
BPA FreeYes
SterilizableYes
Teat ShapeBreast-like
Nipple TypeSlow flow
IncludesBottle, Teat
Capacity260ml (9oz)

Related product manuals